HomeNewsroomArticle
EcoSure Re Bolokehile
23 May 2022

March 2022, Maseru: Econet Telecom Lesotho ts’ebelisanong ‘moho le Lesotho National Insurance Group e seng e tsebahala ka lebitso la LNIG Hollard li ile tsa hlaha ka sehlahisoa se fanang ka chelete ele ho thusa ho boloka bafu se bitsoang EcoSure Mpolokeng e ileng ea boetse ea fetohela ho Re Bolokehile ha ho thusoa litho tse ngata tsa lelapa tlasa sekhele se le seng.



Ho ngolisa EcoSure Re Bolokehile ho bobebe kaha ho etsoa ka mohala oa letsoho ka ho penya *100#. Le ho patala seabo sa khoeli le khoeli ho bobebe kaha se huloa moeeng o letsang kapa ka spache-fonong. Motho e mong le e mong ea lilemo tse lipakeng tsa 18 le 70 a ka ngolisa EcoSure ka karete ea hae (SIMcard) eseng a ngolisoe ke batho ba bang.

Ho fihlile tlhokomelong ea Econet Telecom Lesotho le LNIG Hollard hore ho na le batho ba ngolisang ba bang ba malapa ‘me hona ke tlolo ea molao ebile ho khahlanong le melao le melaoana ea EcoSure Re Bolokehile.

Ka hona, ho koptjoa batho bohle ba ngoliselitseng ba bang kapa hona ho nkela ba bang li policy tsa EcoSure ho atamela litsi tse haufi le bona tsa Econet le batho bao ba ba ngolisitseng ele ho tla lokisa phoso ena. Mohlala, ha ho motho ea lumeletsoeng ho nkela khaitseli/malome/rangoane oa hae policy empa khaitseli/malome/rangoane ke eena ea tlamehang ho ikukela policy a be a ikhethele Mojalefa. Batho ba lelapa ba lumeletsoeng ho kena tlasa policy ea motho e mong ke balekane, batsoali le bo nkhono/ntate moholo ba mali, ba molao kapa ka lenyalo, bana ba mali le ba molao le litloholo tsa mali kapa molao.

Bohle ba fuoa nako ea ho fihla la 31 Mots’eanong 2022 ele hore li policy li be matsohong a nepahetseng a beng ba tsona.

Bohle ba entseng phoso ena ebe ba tlisa likopo tsa ho thusoa pele ho 31 Mots’eanong 2022 ba tla thusoa ha eba batho ba hlokahetseng ba oela lethathamong le lumeletsoeng le holimo empa ba hlokomele hore ba ke ke ba pataloa chelete eo ba e lebeletseng. (ex gratia payment will be made)

Hang ha ba lokisitse phoso ena, policy e tla tsoela pele ‘me ha bothata bo ka hlaha ba tla thusoa hang hang (no waiting period) ho se ts’itiso ea letho (100% cover). Bohle ba sa lokisang phoso ena ha ba na ho thusoa hohang ha nako ena e fetile. EcoSure Re Bolokehile e ntse e itlhomme pele ka seabo sa khoeli se tlase le Matseliso a hlamatsehang tjena:


































 

EcoSure Re Bolokehile


 

Plan


 

Premium


 

Cover


 

Lite


 

M15


 

M10, 000


 

Basic


 

M30


 

M20, 000


 

Standard


 

M45


 

M30, 000


 

Premium


 

M75


 

M50, 000




 



 



 



 



 



 



 



 



 



 



 



 



 



 



 



 



 



 



 



 



 



 



 



 



 



 



 



 



 



 



 



 



 



 



 



 



 



 



 



Letsetsa 100 kapa u romelle whatsApp ho 66100100 kapa u kene www.etl.co.ls kapa u ee setsing se haufi sa Econet Telecom lesotho



 



 


Language: |
Leave Feedback
© 2021 Econet Telecom Lesotho